Selelekela e tshwaya sehopotso sa selemo sa bohlano sa ho thakgolwa ha Molao o Kgothalletsang Phihlelo ya Lesedi [Promotion of Access to Information - PAIA] Molao wa 2000 (?PAIA? kapa ?Molao?). Ena ke ntho e tsotehang ka sebele ho batho ba bangata ba neng ba tshwenyehile haholo ka ho sebediswa ha Molao ona. Leha ho le jwalo, mantswe a tshwanang a ke ke a bolelwa mabapi le batho ba bang ba bangata bao ka lebaka la ho se tsebe le mathata a bileng teng qalong ka lebaka la mafapha a mmuso a ileng a haella ho kenya molao ona tshebetsong ba sa kang ba thabela ka botlalo tokelo ena ya phihlelo ya lesedi. Ho sa natswe hore PAIA ke o mong wa melao e hlaheletseng ka mahetla ya melao ya tikoloho tsa phihlelo ya lesedi lefatsheng ka bophara, molao ona o tswela pele ho hlaselwa ke mathata a sa tshwaneng a tshebediso ya ona. Ho na le mabaka a mangata a sena, mme hara ona ho na le a latelang:
Ho se tsebe tokelo ena ya phihlelo ya lesedi ke ditho tsa setjhaba le banka-karolo.
Leqeme la thepa e nepahetseng ya ho kenya Molao ona tshebetsong, mohlala, ho hloleha ho boloka direkoto le ho se kgethwe ha Batlatsi ba Baofiri ba Tlhahisoleseding, le
Bahlanka ba mmuso ba se nang matla a ho etsa diqeto ka lebaka la tlwaelo ya nakong e fetileng ya ho boloka sephiri.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e tshepa hore Buka ena e tla thusa ho tlosa mathata ana a tshebediso ya molao a ileng a hlasela PAIA ho tloha tshimolohong ya yona, ka ho hlaha leseding ditho tsa setjhaba le bahlanka ba mmuso ba lokelang ho thusa batho ka mehla.
Buka ena e ngotswe ka sepheo sa hore e fihlelle maikemisetso a mararo:
Ho nolofatsa se bolelwang ke PAIA le ho hlahisa bukana e molemo e ka sebediswang mme e kgonwe ho fihlelwa ke bohle,
Ho lemosa setjhaba le bahlanka ba mmuso hore ho na le Molao ona, le
Ho thusa ho fedisa tlwaelo ena ya sephiri e sitisang ho ajwa ha lesedi ka bolokolohi.
Ho tshepjwa hore Buka ena e tla thusa ho totobatsa ditaba tse loketseng mabapi le ho etsuwa ha direkoto le ho di boloka hantle. Haeba direkoto di sa hlokomelwa le ho bolokwa hantle, sena se ka etsa hore batho ba kopang ho tseba ka lesedi le itseng ba lefe ditjhelete tse ngata ka lebaka la nako e telele e nkuwang ho batlwa direkoto. Ka lebaka leo, ho bohlokwa hore direkoto di bolokwe hantle le ho hlophiswa nako le nako le hore tseo pele di neng di bolokilwe e le sephiri di tloswe maemong ao.
Qetellong, ho bohlokwa hore ho lahlwe maikutlo le tlwaelo ya ho etsa hore lesedi le fetohe thepa ya bohlokwa haholo, e ka fihlellwang feela ke batho ba maemo a phahameng setjhabeng le ka ho etsa hore phihlelo ya lesedi leo e be thata haholo ho utlwisiswa ke batho feela ba tlwaelehileng, le ka ho etsa hore ho fumana direkoto ho bitse tjhelete e phahameng haholo. Ho fihlela lesedi ke lejwe la motheo le oksejene ya demokerasi ya rona. Ke sesebediswa sa bohlokwa se thusang le se etsang hore batho ba leng maemong a bolaodi ba ikarabelle bakeng sa diketso tsa bona. Ka lebaka leo ho bohlokwa hore batho bohle, haholoholo batho ba tinngweng menyetla le ba qheletsweng thoko ba thabele ka botlalo phihlelo ya lesedi.
CEO: Khomishene ya Ditokelo tsa Botho Afrika Borwa
Tlhokeho ya hore ho hlahiswe Buka ena e e bile ka mora ho thakgolwa ha Karolo ya 10 ya Tataisoe mabapi le PAIA, e ileng ya etsahala ka la 1 Tlhakubele 2005. Ho ile ha bonahala ka ho hlakileng hore le hoja Tataiso ena e thusa ditho tsa setjhaba, empa PAIA e ne e lokela ho nolofatswa hore e balehe habonolo le ho fihlellwa habonolo ke batho ba metse ya rona. Buka ena e fetoletswe ka dipuo tse leshome le motso o le mong tsa semmuso, mme e fumaneha hape le ka Braille, bakeng sa phihlelo e bonolo le tshebediso.
Ho tloha tlwaelong ya ho boloka sephiri le leqeme la ho ikarabella diketso tsa rona, ho fetoleha tlwaelong ya ho senola lesedi le ho ikarabella ka diketso tsa rona, ena ke phephetso ka sebele. Ka lebaka lena ho bohlokwa haholo hore baahi ba Afrika Borwa le matona a naha a tsebiswe ka PAIA, le kamoo tokelo ya ho fihlela lesedi e ka ba untshang melemo ka teng. Ho nka karolo mananeong a ntshetsopele ya demokerasi ho ka atleha ha feela batho ba utlwisisa lebaka la hore ba nke karolo. Ka lebaka leo ho bohlokwa hore PAIA e pote ka nqane ho ditokelo tse tlwaelehileng tsa batho tsa dipolotiki, le hore e tlatsetse ka lehlakore le letjha la dipuisano tsa setjhaba mabapi le ditaba tse tobaneng le baahi.
PAIA e bohlokwa ka sebele ho fetola setjhaba sa rona. E kgothalletsa demokerasi eo ho nkuwang karolo ho yona le eo baahi ba etsang hore mmuso le mafapha a mmuso a ikarabelle mabapi le diketso tsa ona. Buka ena ke mohato o mong o nkuweng ke Khomishene ho etsa hore batho ba tlwaele Molao ona, le ho tiisa hore baahi ba o sebedisa molemong wa bona. Bohlokwa le boholo ba karolo ya motheo ya Khomishene ena mabapi le ho beha leihlo le ho fana ka rekoto selemo le selemo kamohelong ya ditokelo tsa setjhaba le tsa moruo, bo akarelletsa boikarabelo ba yona ho ya ka PAIA, ho tiisa hore Molao ona o sebediswa ka katleho. Jwaloka setho sa setjhaba o ka sebedisa PAIA ho kopa ho fihlela direkoto tse bontshang maano a mmuso mabapi le matlo, tlhokomelo ya bophelo le thuto. Buka ena e entswe ka sepheo sa ho tiisa hore ditho tsa setjhaba di elellwa hore PAIA ke sesebediswa se ka sebediswang ho fihlela ditokelo tse ding.
Khomishene e tshepa hore Buka ena e tla ba sesebediswa se thusang letsholong la bona la ho thabela phihlelo ya lesedi.
Mokhomishenara o ikarabella ka phihlelo ya lesedi
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa
MEHOPOLO YA BOHLOKWA
Lekgotla -le bolela lekgotla la molao leo motho a ka etsang kopo ho lona hore taba ya hae e mamelwe. Makgotla ana a molao ke: Lekgotla la Molao wa Motheo le sebetsang ho ya ka karolo ya 167 (a) ya Lekgotla la Motheo kapa Lekgotla le Phahameng kapa lekgotla le leng le nang le matla a tshwanang kapa Lekgotla la Mastrata ebang ka kakaretso kapa mabapi le diqeto tse kgethehileng ho ya ka Molao ona, le abetsweng ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ka tsebiso ho Gazette le ho okamelwa ke mastrata kapa mastrata e mong ya abetsweng ho ya ka karolo 91A tse leng taolong ya lona ?
a qeto ya moofisiri wa lesedi kapa bolaodi bo tshwanelahang mokgeng wa mmuso kapa hlooho ya mokga wa praevete e amohetswe;
b mokga wa mmuso kapa la praevete le amehang le na le sebaka seo le sebeletsang ho sona kapa kgwebo; kapa c motho ya kopang ho fuwa lesedi o na le sebaka seo a dulang ho sona kapa bodulo.
TLHOKOMEDISO:
Ho fihlela Boto ya Melao e ntsha melao mabapi le mekgwatshebetso ditabeng tsa PAIA e lokelang ho sebediswa ke Makgotla a Mastrata, Makgotla a Mastrata a ke ke a etsa diqeto mabapi le ditaba tsa PAIA. Ke feela Makgotla a Phahameng a ka mamelang dikopo tsa PAIA. Sheba Karolo 2 Bukeng ena bakeng sa diforamo tse ding moo ditaba tsa PAIA di ka tshohlwang.
Ditefiso ? tjhelete e lefuwang bakeng sa ho sebetsana le dikopo. PAIA e sebetsana le dikopo tsa lesedi tse lefuweng le ditefo tsa phihlelo ya lesedi. Tefo ya lesedi le kopuwang e lefuwa qalong ya tshebetso ha ho romelwa foromo ya kopo. Tefo ya phihlelo ya lesedi ke tjhelete e leshwang bakeng sa nako e nkuwang kapa e sebediswang ho batla le ho hlophisa direkoto tse kopuweng. Mokopi ya kopang lesedi la direkoto tsa hae a ke ke a lefa tefo ya ho kopa lesedi. Sehlomathiso A se na le lethathamo la ditefiso.
Hlooho ? haeba e le mokgatlong wa praevete, mabapi le motho, motho eo kapa motho ofe kapa ofe ya fuweng matla a taolo; haeba e le mabapi le bolekane mosebetsing, molekane ofe kapa ofe mosebetsing oo ya fuweng matla a taolo; haeba e le ditabeng tsa ho nkuwang e le motho ka ho ya ka molao, moofisiri ya phahameng wa phethahatso kapa moofisiri ya lekanang le yena ya hoo ho nkuwang e le motho ka ho ya ka molao, kapa motho ofe kapa ofe ya dumelletsweng ke moofisiri, kapa motho ya tshwereng mokobobo setulong sa motho ya nang le matla a taolo.
Hlooho ya mokga wa praevete le ikarabella ka ho amohela kopo ya motho ya kopang ho fihlela lesedi le ho ikarabella ka ho fana ka karabelo.
Moofisiri wa lesedi - enwa ke moofisiri eo kopo ya phihlelo ya lesedi e lokelang ho romelwa ho yena ke mekgatlo ya mmuso. O tla etsa qeto haeba a dumella hore direkoto di fihlellwe kapa tjhe. Mmusong wa naha, moofisiri wa lesedi lefapheng le kgethehileng ke Motsamaisi-Kakaretso; mmusong wa provense, Motsamaisi-Kakaretso Ofising ya Tonakgolo ke yena moofisiri wa lesedi bakeng sa provense kaofela; mmusong wa lehae, Motsamaisi wa Masepala sebakeng se kgethehileng sa masepala ke yena moofisiri wa lesedi. Bakeng sa mekga efe kapa efe e meng ya mmuso, moofisiri wa lesedi ke moofisiri ya phahameng wa phethahatso, kapa moofisiri e mong ya lekanang le yena wa mokga oo wa mmuso.
Boipiletso lekgotleng leo - ha ho buuwa ka boipiletso lekgotleng ho hlaloswa tsamaiso eo mokopi wa lesedi a sa kang a kgotsofatswa ke qeto ya moofisiri wa lesedi kapa haeba kopo ya hae e ileng ya hlokomolohuwa mme a sa ka a amohela karabo nakong ya matsatsi a 30 / nako e ekeditsweng ya matsatsi a 30. Boipiletso lekgotleng leo bo tshwanetse ho romelwa ho bolaodi bo tshwanelehang moo boipiletso bo jwalo bo ka sebetswang. Bala tlhaloso ena mmoho le ?bolaodi bo tshwanelehang.?
Lesedi la Motho ka Seqo sa Hae ? lesedi lena le kenyelletsa lesedi le ka senolang motho, le hoja ho sa felle leseding le jwalo, lesedi le mabapi le moloko, bong, boimana, boemo ba lenyalo, botjhaba, setso kapa tlhaho ya motho, mmala, tshekamelo ya motho mabapi le hore na o rata molekane e motona kapa e motshehadi, dilemo, bophelo ba mmeleng kapa kelellong, boiketlo, ho se itekanele, bodumedi, letswalo, tumelo, moetlo, puo le ho belehwa ha motho eo; lesedi le mabapi le thuto ya sekolo kapa bongata, histori ya motho eo e mabapi le tlolo ya molao kapa mosebetsi kapa lesedi le mabapi le tshebediso ya tjhelete e amang motho eo.
Mokopi wa lesedi la hae ? mona ho bolelwa ka mokopi ya kopang hore a bone direkoto tse ngotsweng lesedi la hae.
Mokga wa Mmuso ? mona ho bolelwa ka lefapha lefe kapa lefe la mmuso kapa tsamaiso ya mmuso ya naha kapa ya provense kapa lefapha lefe kapa lefe la masepala kapa tshebetso kapa institjhushene e sebedisang matla kapa e etsang mesebetsi e ngotsweng Molaong wa Motheo kapa molaong wa motheo wa provense kapa lefapha le sebedisang matla a mmuso kapa le etsang mesebetsi ya mmuso ho ya ka molao ofe kapa ofe.
Mokga wa praevete - mona ho bolelwa ka motho ya etsang kapa o entseng mosebetsi, kgwebo kapa profeshene; mosebetsi wa bolekane o etsang kapa o entseng kgwebo kapa profeshene; kapa moemedi ofe kapa ofe wa molao empa ho sa kenyelletswe mokga wa mmuso.
Rekoto ? mabapi le mokga wa mmuso kapa mokga wa praevete ho bolelwa ka lesedi lefe kapa lefe le ngotsweng ho sa natswe sebopeho sa lona kapa lesedi le leng tlasa taolo ya mokga wa mmuso kapa la praevete, ho sa natswe hore na le ngotswe ke mokga wa mmuso, kapa la praevete.
Bolaodi bo Tshwanelehang - mona ho bolelwa ka motho eo ho tliswang boipiletso ho yena. Mmusong wa naha, bolaodi bo tshwanelehang lefapheng le itseng ke Letona la lefapha leo; mmusong wa provense motho ya jwalo ke Setho sa Komiti ya Phethahatso ? MEC wa lefapha le itseng ke yena bolaodi bo tshwanelehang; mmusong wa lehae, Majoro kapa Sepikara ke yena bolaodi bo tshwanelehang. Kgaolo 9 ya Diistitjhushene, mekgatlo ya di-parasetatale le ya praevete ha e na bolaodi bo tshwanelehang mme ka lebaka leo haeba mokopi a ka ikutlwa a sa thabiswa ke qeto ya moofisiri wa lesedi, o tshwanetse ho tlisa kopo ya hae kgahlanong le qeto eo ka kotloloho lekgotleng la molao.
Mokopi ? mona ho bolelwa ka motho ofe kapa ofe ya kopang ho bona direkoto.
Motho wa Boraro - ke motho kapa mokga o nang le thahasello rekotong e kopilweng. Mabapi le ho fihlela lesedi la direkoto tsa mokga wa mmuso motho enwa o bolela motho ofe kapa ofe (ho kenyelletswa empa ho sa felle moo, mmuso wa dinaha disele, mokgatlo wa matjhaba kapa lefapha la mmuso oo kapa mokgatlo) ntle ho mokopi ya amehang kapa mokga wa mmuso. Mabapi le ho fihlela lesedi la direkoto tsa mokga wa praevete, motho enwa wa boraro o bolela motho ofe kapa ofe (ho kenyelletswa empa ho sa felle mokgeng wa mmuso) ntle ho mokopi.
Matsatsi a mosebetsi ? Matsatsi a mosebetsi a bolela matsatsi afe kapa afe ntle ho Moqebelo, Sontaha kapa matsatsi a phomolo a setjhaba, ho ya ka tlhaloso ya karolo ya 1 ya Molao wa Matsatsi a Phomolo a Setjhaba wa 1994 (Molao wa Nomoro 36 1994).
Bukeng ena, moo ho buuwang ka bong bo itseng ba batho bona bo tla kenyelletsa le bong bo bong hape.
KAROLO 1
Tshimoloho ya tokelo ya ho fihlela lesedi
Rephaboliki ya Afrika Borwa ke mmuso wa demokerasi o thehilweng makgabaneng a ho hlompha seriti sa batho, ho fihlela teka-tekano le ntshetsopele ya ditokelo tsa batho le ditokoloho.1 Mokgwa ona wa puso ya demokerasi ha o kwetle letho le lokelang ho tsejwa, o arabela ditlhokong le ho ikarabella ka diketso tsa yona. Moya ona wa ho se kwetle letho le lokelang ho tsejwa ke karolo ya bohlokwa haholo ha mokgatlo wa demokerasi mme o dumella batho hore ba fihlelle lesedi mabapi le seo mmuso o se etsang mafapheng yohle a ona bakeng sa bona kapa seo mmuso o sa se etseng.
Tokelo ena ya phihlelo ya lesedi e ngotswe tlasa karolo ya 32 ya Molao wa Motheo. Karolo ya 32 e bontsha hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fihlela lesedi lefe kapa lefe le bolokilweng ke mmuso; kapa le tshwerweng ke motho ofe kapa ofe e mong le ka sebediswang bakeng sa tshireletso kapa le ka sebediswang bakeng sa tokelo efe kapa efe.
Tokelo ena e entswe ka sepheo sa ho dumella batho ho thabela ditokelo tse ding tsa bona, mohlala, ditokelo tsa bona setjhabeng le moruong. Ditokelo tsa setjhaba le tsa moruo di kenyelletsa tokelo ya ho ba le ntlo, dijo le bophelo, thepa, tikoloho e hlwekileng, jwalo-jwalo. Tokelo ena ya ho fihella lesedi ha e dumella batho ho thabela ditokelo tsa bona setjhabeng le moruong feela, empa hape e dumella batho ho thabela ditokelo tsa molao le tsa dipolotiki. Ka lebaka leo ho kgona ho fihlela lesedi ho kgothalletsa ho se kwetlwe ha lesedi le lokelang ho tsejwa, boikarabelo le taolo e sebetsang makgotleng kaofela a mmuso le a praevete, mme sena se tshehetsa ditokelo tse ding tsa batho.
Molao o Kgothalletsang Phihlelo ya Lesedi
PAIA ke molao o etsang hore Karolo ya 32 ya Molao wa Motheo e phele. O fana ka molao o dumellang tokelo ya ho fihlela lesedi le tshwerweng ke Mmuso, hammoho le mekgatlo e meng ya praevete.
Molao ona wa PAIA o hlalosa ka ho batsi tokelo ena le tekanyo eo tokelo ena e sebetsang ka yona. O hlalosa ka ho batsi ditsamaiso tse lokelang ho sebediswa ho fihlela lesedi lena, o fana ka mabaka a ka etsang hore ho hanwe ka lesedi, le mehato e ka nkuwang haeba ho hannwe ka lesedi lena. Molao ona wa PAIA o ile wa amohelwa ka 2000 le ho kengwa tshebetsong ka la 9 Tlhakubele 2001.
Ka lebaka lena molao ona wa PAIA o neha motho tokelo ya ho fihlela lesedi lefe kapa lefe le tlalehilweng le ho bolokwa kapa ho laolwa ke mokga wa mmuso kapa la praevete. Ka kakaretso Molao ona o sebetsa bakeng sa lesedi lefe kapa lefe le tlalehilweng le ho bolokwa kapa ho laolwa ke mokga wa mmuso kapa la praevete. Bonneteng, molao ona wa PAIA ke ona feela molao lefatsheng ka bophara o nehang motho tokelo ya ho kopa ho fihlela direkoto tsa mokga wa praevete, haeba rekoto e jwalo e kotjwa ka lebaka la ho sebedisa kapa ho sireletsa tokelo e itseng.
Ka lebaka lena, mohlala, tokelo ya ho fihlela lesedi e ka sebediswa ke batho ho netefatsa mehato e nkuwang ke mmuso ho sireletsa le ho tshehetsa bophelo ba bona ka ho kgethehileng kgahlanong le lefu le fokodisang la sewa la HIV le AIDS. Ha e le hantle, tokelo ena ya ho fihlela lesedi e ile ya sebediswa ke mokgatlo wa Treatment Action Campaign, ha o ne o kopa ho fihlela lesedi la Lefapha la Bophelo la Naha e le hore ho etswe dihlomathiso melaong ya lefapha ya Operational Plan for Comprehensive HIV and Aids Care, e meng e kenyelletsa ka ho kgethehileng leano la ho ntshuwa ha meriana e lwantshang kokwanahloko ya HIV.
Haeba batho ba lakatsa ho netefatsa haeba, mohlala, mmuso o nahanela ditlhoko tsa batho ba sa boneng, motho ofe kapa ofe bakeng sa thahasello ya setjhaba, a ka kopa lesedi le jwalo mmusong mabapi le leano la mmuso la h o hlokomela batho ba sa boneng ka ho thakgolwa ha tsamaiso ya Braille leanong la mmuso la dineheletsano. Hape batho ba ka sebedisa ditokelo tsa bona tsa ho fihlela lesedi ka ho kgethehileng mmusong wa lehae, moo ba ka netefatsang maano a masepala mabapi le tlhokomelo ya mebila, ho kengwa ha dipeipi tse tsamaisang dikgwerekgwere, dikabo tsa ditjhelete tse lokelang ho sebediswa, jj. Ho phaella moo, batho ba ka sebedisa tokelo ya bona ya ho fihella lesedi ka ho netefatsa maano a amanang le ho ajwa ha matlo ka hore ba kope lesedi le jwalo Lefapheng la Matlo le loketseng.
Jwaloka ha ho boletswe mona ka hodimo, motho a ka nna a fihlela lesedi mekgatlong ya praevete, e jwaloka dikhampani, haeba feela lesedi le jwalo le fanwa ka morero wa ho sebedisa kapa ho sireletsa ditokelo tsa motho, mohlala, motho a ka kopa direkoto tse bontshang hore ke ditshila tse kae tse lahlelwang nokeng ke khampani e itseng ya merafo. Mona tokelo e sireletswang ke tokelo ya bophelo bo botle, le tokelo ya ho ba le tikoloho e se nang dintho tse ka hlahisang kotsi.
Ka lebaka lena molao wa PAIA o neha batho tokelo ya ho kopa lesedi la mefutafuta. Leha ho le jwalo, ho na le direkoto tse itseng tse ke keng tsa kotjwa. Lethathamo la direkoto tseo e leng mokgelo hore di ka se kopuwe le tseo mokga wa mmuso kapa mokga wa praevete le ka hanang ho fana ka tsona le thathamisitswe tlasa Karolo 6 ya Buka ena.
Ke mang ya ka kopang lesedi lena?
Molao wa PAIA o bontsha hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fihlela lesedi lena. Ka lebaka lena, mang kapa mang kapa le hoo ho nkuwang jwalo ka motho ka ho ya ka molao (mohlala, khampani e kgolo, kapa close corporation) ba ka kopa ho bona lesedi la mokga wa mmuso kapa mokga wa praevete.
Hape dikopo tsa ho fihlela lesedi le jwalo di ka etswa lebitsong la motho e mong kapa mokga wa praevete. Nako e nngwe le e nngwe ha motho e mong a kopa lesedi le I tseng lebitsong la motho e mong, mokopi o tshwanetse ho fana ka bopaki ba boemo ba hao ba ho kopa lesedi le jwalo. Motho eo e leng mohlokomedi wa motho ya ka tlase ho dilemo tse 18; kapa motho eo e leng mohlokomedi wa motho ya sa kgoneng ho utlwisisa sebopeho sa kopo a ka etsa kopo lebitsong la batho bana. Haeba rekoto e kopuwang e le mabapi le mofu, mokopi o tshwanetse ho fana ka bopaki bo bontshang hore ke mong ka mofu, kapa bopaki ba mofu; kapa bopaki bo bontshang hore mokopi o amohetse tumello e ngotsweng e hlahang ho beng ka mofu mabapi le hore a etse kopo ena.
Haeba mokopi a sa kgone ho bala le ho ngola, a ka etsa kopo ena ka molomo, mme moofisiri wa lesedi o ngola kopo ena.
Lesedi lena le ka kotjwa ho bomang?
Lesedi lena le ka nna la kotjwa makgotleng a mangata a mmuso le mokgeng ya praevete. Motho a ka nna a kopa lesedi / direkoto mafapheng a mmuso, mafapheng a provense, ho tswa ho bomasepala, mekgatlo ya di-parastatale, dipetlele tsa mmuso, dipetlele tsa praevete, dikhampani, di-close corporations, mohwebi, jl.
Mehlala ena e kenyelletsa mafapha a latelang, empa ha ho felle moo:
Lefapha la Matlotlo, Lefapha la Bophelo, Lefapha la Ditaba tsa Lehae, Lefapha la Matlo, Lefapha la Ditshebeletso tsa Batshwaruwa, Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, Lefapha la Bonono le Setso, Lefapha la Provense la Dipalanngwang tsa Setjhaba, Mebila le Mesebetsi ya Setjhaba, Lefapha la Bophelo la provense, City of Johannesburg Municipal Council, Tshwane City Council, Baragwanath Hospital, Johannesburg General Hospital, Mosireletsi wa Setjhaba, Mohlahlobi wa Dibuka tsa Ditjhelete ? General, Johannesburg Water (Pty) Limited.
Leha ho le jwalo, ho elellwe hore mokga wa mmuso, jwaloka mafapha a naha le mafapha a provense, lekala la mmuso wa lehae le makgotla a mang a sebedisang matla a ona ka ho ya ka Molao wa Motheo ? mohlala, Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, Mosireletsi wa Setjhaba, jj, a ke ke a kopa lesedi ho tswa lefapheng le leng ho ya ka molao wa PAIA. Makgotla ana a mmuso a ka kopa feela lesedi tlasa PAIA ho tswa ho di-parastatale kapa mekgeng ya praevete.
Mefuta ya lesedi le ka kotjwang
Ho na le mefuta e mengata ya lesedi le ka kotjwang mekgeng ya mmuso. Mona ho ngotswe lethathamo la mehlala ya lesedi le jwalo:
Mmusong wa Naha
Bajete, dipholisi, dithuso le dikabo tsa tjhelete ya thuso, ditekanyo tsa meputso ya basebetsi ba mmuso, maano a ho aha dikolo, maano a ho aha diteishene tsa mapolesa, maano a ho ntlafatswa le ho lokiswa ha mebila ya naha, maana a ho aha dibaka tsa lekgetho la dikoloi mebileng, dipalopalo tsa naha mabapi le botlokotsebe, maano a ho aha dipetlele, maano a ho aha le ho hlokomela ditjhankane.
Mmusong wa Provense
Bajete, maano a tsamaiso ya provense, dikabo tsa matlo, maano a ho lokisa ha mebila, maano a ho aha dikolo tsa setjhaba sebakeng se itseng, ditokisetso tsa dipalanngwang tsa setjhaba
Bomasepala
Dibajete, Ditefiso, diakhaonto tsa ditshebeletso, maano a meaho, dibuka tsa ngodiso ya thepa, ditekanyetso, maano a ho iswa ha ditshebeletso bathong (metsi, motlakase, ho tloswa ha ditshila, ho tloswa ha dikgwerekgwere), maano a dibaka tsa boikgathollo sebakeng se itseng, maano a ho aha dilaebrari
KAROLO 2
Tsamaiso
O ka etsa jwang kopo ya ho fihlela direkoto mokgeng wa mmuso?
Nako efe le efe eo motho (mokopi) a batlang ho kopa lesedi ho tswa mokgeng wa mmuso, o tshwanetse ngola kopo ya hae lengolong. Foromo A e tshwanetse tlatswa bakeng sa kopo mokgeng wa mmuso. Ha ho hlokahale hore mokopi a fane ka lebaka kapa mabaka a ho kopa rekoto ho tswa lekgotleng la m muso. Ho bohlokwa ho hlokomela hore lengolo la ho kopa rekoto kapa molaetsa wa thelefono wa kopo kapa imeile ya elektroniki ya kopo ha se mokgwa wa ho kopa lesedi ho ya ka molao wa PAIA. Haeba Foromo ya A e sa tlatswa, mokopi ha a iphaphatha le molao wa PAIA and ka lebaka leo a ke ke a tshepa hore PAIA e tla fana ka thuso efe kapa efe bakeng sa kopo eo.
Bakeng sa mekga ya mmuso, foromo ena e tshwanetse ho romelwa ho moofisiri wa lesedi, hammoho le tefo ya R35.00 bakeng sa kopo eo. Foromo ya A e tshwanetse ho fuwa moofisiri wa lesedi ka letsoho meahong eo a sebeletsang ho yona, e ka romelwa ka fekse kapa ka lengolo la electroniki.
Jwaloka ha ho boletswe pejana, baofisiri ba lesedi mekgeng ya mmuso ba tshwanetse ho thusa batho, bao ka lebaka la ho se kgone ho bala le ho ngola kapa ho itekanele ho itseng ba sa kgoneng ho tlatsa diforomo tsena ho etsa dikopo tsa bona. Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho ngola fatshe kopo ena ya bona ya molomo.
Ho tla etsahalang ka mora ho romela kopo mokgeng wa mmuso / ho sebetswa ha kopo?
Ka mora ho neha moofisiri wa lesedi Foromo A le ka mora ho lefa tjhelete e hlokahalang, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho araba kopo eo nakong ya matsatsi a 30. Moofisiri wa lesedi a ka atolosa nako ya matsatsi a 30 hanngwe feela bakeng sa matsatsi a mang a 30, ka mora hore a tsebise mokopi le ho fana ka mabaka a ho atolosa nako ena.
Haeba moofisiri wa lesedi a etsa qeto ya hore mokopi a ka dumellwa ho fihlela direkoto, o tshwanetse ho hlalosetsa mokopi hore o tshwanetse o lefa tjhelete ya ho fihlela lesedi leo (ha ho hlokahala) bakeng sa nako e sebedisitsweng ho fuputsa direkoto le ho hlophisa rekoto, mme hape o tshwanetse ho hlalosetsa mokopi hore na lesedi lena le tla fanwa le le sebopehong se jwang.
Boemong boo lesedi le jwalo le hanelwang, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho hlalosetsa mokopi mabaka a ho hana ho fana ka lesedi lena le ho qotsa karolo e kgethehileng molaong wa PAIA e fanang ka lebaka la ho hana ka lesedi leo.
Ho thweng haeba ke sa amohele karabo nakong ya matsatsi a 30 / matsatsing a 30 a atolositsweng kapa haeba ke ikutlwa ke swabisitswe ke qeto ya moofisiri wa lesedi?
Haeba kopo ya ho fihlela lesedi le mpa e hlokomolohuwa kapa moofisiri wa lesedi a hloleha ho araba kopo nakong y a matsatsi a 30 kapa nakong e atolositsweng ya matsatsi a mang a 30, ho se arabe ho jwalo ho tadingwa e le ho hana ho fana ka lesedi leo.
Moo mokga wa mmuso le nang le bolaodi bo tshwanelehang, mokopi o tshwanetse ho romela boipiletso lekgotleng leo ho bolaodi bo tshwanelehang, a hlalosa ho hloleha ha moofisiri wa lesedi ho arabela kopong ya hae. Kopo ya boipiletso lekgotleng leo e lokela ho romelwa ho bolaodi bo tshwanelehang nakong ya matsatsi a 60 ho tloha letsatsing leo moofisiri wa lesedi a neng a tlameha ho fana ka qeto mabapi le kopo eo. Leha ho le jwalo, haeba mokga wa mmuso le nang le bolaodi bo tshwanelehang le le siyo, mokopi o tshwanetse ho romela kopo ya hae lekgotleng la molao mme a hlalose ngongoreho ya hae kgahlanong le qeto ya moofisiri wa lesedi.
Ho na le maemo a mangata a ka etsang hore mokopi a ikutlwe hore o swabisitswe ke qeto ya moofisiri wa lesedi. Mokopi a ka swabiswa ke: qeto ya moofisiri wa lesedi ka hore a se ntshe lesedi leo a le kopileng; qeto ya moofisiri wa lesedi ya ho ntsha lesedi empa ho hana ka dikarolo tse itseng tsa lesedi hoo botshepehi ba rekoto eo bo kginwang hampe, hoo lesedi leo le seng le se na moelelo ho hang; boholo ba tefo eo mokopi a tshwanetseng ho e lefa bakeng sa ho fihlela lesedi; sebopeho seo lesedi le ka fihlellwang ka sona; kapa nako e atolositsweng ya ho sebetsana le kopo.
Boemong leha e le bofe ho ana, mokopi a ka nna a romela boipiletso ho bolaodi bo tshwanelehang, nakong ya matsatsi a 60 ka mora ho amohela qeto ya moofisiri wa lesedi. Mokopi o tshwanetse ho tlatsa le ho romela Foromo ya B ya boipiletso ho bolaodi bo tshwanelehang.
Haeba mokopi a sa kgotsofatswa ke qeto ya bolaodi bo tshwanelehang, kapa haeba bolaodi bo tshwanelehang bo sa arabele boipiletsong ba lekgotla leo, mokopi a ka nna a romela kopo lekgotleng la molao ho ka ka molao wa PAIA. Kopo lekgotleng la molao e tshwanetse ho etswa nakong ya matsatsi a 30 ka mora qeto e entsweng ke bolaodi bo tshwanelehang; kapa haeba bolaodi bo tshwanelehang bo hlolehile ho araba.
O ka etsa jwang kopo ya ho fihlela direkoto mokgeng wa praevete?
Nako efe le efe eo motho (mokopi) a batlang ho kopa lesedi ho tswa mokgeng wa praevete, o tshwanetse ngola kopo ya hae lengolong. O tshwanetse ho tlatsa Foromo C ho etsa kopo mokgeng wa praevete. Mokopi o tshwanetse ho fana ka lebaka kapa mabaka a hore a kope rekoto mokgeng wa praevete ka ho hlalosa tokelo eo a batlang ho e sebedisa kapa ho e sireletsa ka lesedi leo a le kopang.
Foromo C e tshwanetse ho romellwa hlooho ya mokga wa praevete hammoho le tefo ya R50.00 bakeng sa kopo eo. Hlooho ya mokga wa praevete e lokela ho arabela kopo ena ya ho fihlela lesedi nakong ya matsatsi a 30 ka mora ho amohela kopo ena. Hlooho ya mokga wa praevete e ka atolosa nako ya matsatsi a 30 hanngwe feela bakeng sa matsatsi a mang a 30, ka mora hore a tsebise mokopi le ho fana ka mabaka a ho atolosa nako ena.
Ho thweng haeba ke sa amohele karabo ya kopo ya ka nakong ya matsatsi a 30 / matsatsing a 30 a atolositsweng kapa haeba ke ikutlwa ke sa kgotsofala ka qeto ya hlooho ya mokga wa praevete?
Haeba hlooho ya mokga wa praevete e hloleha ho arabela kopong ya lesedi le jwalo, mokopi a ka romela kopo lekgotleng la molao ka sello sa hae sa hore ha a ka a fumana karabo nakong ya matsatsi a 30 eo hlooho ya praevete e neng e lokela ho araba kopo.
Haeba mokopi a sa kgotsofala ka qeto ya hlooho ya mokga wa praevete ya ho hana kopo ya ho fihlela lesedi; kapa ka lebaka la qeto e entsweng mabapi le ditefiso tsa ho fihlela direkoto tsa mokga wa praevete; ka sebopeho sa ho fihlela lesedi leo, kapa katoloso ya nako ya matsatsi a 30 ya ho sebetsa kopo, nakong ya matsatsi a 30 mokopi a romela kopo ya hae lekgotleng la molao a bontsha sello sa hae kgahlanong le qeto le bakeng sa thuso e loketseng.
Diforamo tse Ding tsa Thuso
Ntle ho lekgetleng la molao leo mokopi a ka nna a romela kopo ya hae ho sona, mokopi a romela ngongoreho ya hae Ofising ya Mosireletsi wa Setjhaba (Public Protector) e le hore Mosireletsi a fetohe Mokenadipakeng, kapa esita le ho buisana le dihlopha ka bobedi hore di rarolle bothata bona. Hape mokopi a ka nna a romela taba ena / ngongoreho ho Khomishene ya Ditokelo tsa Botho hore e be Mokenadipakeng, kapa ho etsa tumellano ho ya matla a taolo ao e nang le wona, pakeng tsa dihlopha tsena ka bobedi haeba kopo ya mokopi ya ho fihlela lesedi e hannwe kapa haeba mokopi a swabisitswe ke qeto ya moofisiri wa lesedi kapa hlooho ya mokga wa praevete.
Tjhate e Tataisang ya PAIA ya kopo moo mokga wa mmuso le nang le bolaodi bo tshwanelehang
Tjhate e Tataisang ya PAIA ya kopo moo ho se nang mokga wa mmuso le nang le bolaodi bo tshwanelehang
Tjhate e Tataisang ya PAIA ya Kopo Mokgeng wa praevete
KAROLO 3
Tsela ya ho Fihlela Lesedi
Tokisetso ya Motho wa Boraro
Moo ho nang le motho e mong eo rekoto e kopuwang e amanang le yena, kapa moo motho ya itseng a thahasellang rekoto ya motho enwa e mong, motho enwa o bitswa motho wa boraro (third party). Maemong a jwalo, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho nka mehato yohle e hlokehang ho tsebisa motho enwa wa boraro (third party), mme o tshwanetse ho etsa jwalo nakong ya matsatsi a 21 ka mora ho amohela kopo.
Motho enwa wa boraro a ka bua ka molomo kapa ka lengolo ho tsebisa moofisiri wa lesedi le/kapa a ka fana ka tumello e ngotsweng mabapi le hore ho lokollwe rekoto eo nakong ya matsatsi a 21, ka mora ho tsebiswa ka kopo.
Ka mora ho nahanisa ka mantswe a boletsweng ka motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho etsa qeto hore na ebe o tla fana ka tumello ya ho fihlela direkoto tsa motho eo kapa tjhe. Ho hana ha motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae ho fana ka tumello ha ho bolele hore lesedi le jwalo le tla bolokwa le sa ntshuwe.
Ho Fetiswa ha Kopo
Phetiso ya kopo e etswa ha ho na le kopo e entsweng, mohlala haeba ho kopilwe Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, mme lefapha lena le se na rekoto eo e kopileng kapa le se na taolo ya rekoto eo. Empa rekoto eo e tshwerwe kapa e laolwa ka Lefapha la Temo. Haeba boemo bo jwalo bo etsahala, moofisiri wa lesedi Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo o tshwanetse hore, nakong ya matsatsi a 14, a fetisetse kopo eo ho moofisiri wa lesedi Lefapheng la Temo. Moofiri wa lesedi wa Lefapha la Temo o tshwanetse ho beha ka hodimo lenaneng kopo eo jwaloka ha e ka ke yena moamohedi wa pele wa kopo eo.
Ho Tjhetjhisa Phihlelo ya Rekoto
Moofisiri wa lesedi a ka nna a tjhetjhisa phihlelo ya rekoto, haeba rekoto eo e lokela ho hatiswa nakong ya matsatsi a 90 ka mora ho amohela kapa phetiso ya kopo, kapa bakeng sa nako e hlokahalang ya ho hatisa kapa ho fetolela rekoto. Hape phihlelo ya rekoto e ka tjhetjhiswa haeba molao o batla ho e hatisa le haeba e sa ntse e tla hatiswa. Phihlelo ya rekoto e ka tjhetjhiswa haeba haeba e se e hlophiseditswe ho romelwa lefapheng la molao lefe kapa lefe kapa motho, le haeba e sa ntse e tla romelwa. Phihlelo ya lesedi e ka tjhetjhiswa ka maemo a boletsweng ka hodimo ka nako e utlwahalang.
Nakong ya matsatsi a 30 moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho tsebisa mokopi mabapi le tsebiso ena ya ho tjhetjhiswa ha rekoto, le hore mokopi a ka itlhahisa ka boyena, le lebaka la hore na ke hobaneng ha rekoto eo e hlokahala pele ho kgatiso kapa thomello, le ho mo tsebisa ka bolelele ba nako ya tjhetjhisetsa rekoto morao.
Haeba mokopi a itlhahisitse jwalo, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho fana ka tumello ya ho fihlela rekoto eo haeba ho na le mabaka a utlwahalang a ho dumela hore ho tjhetjhiswa ha phihlelo ho tla sitisa haholo kahlolo e nang le toka hlo e tjhetjhiswa.
Ho Tloswa ha Dikarolo tse Itseng tsa Rekoto
Ho tloswa hona ha dikarolo tse itseng ho amana le ho arola, ho hlakola kapa ho pata lesedi le ngotsweng rekotong. Moofisiri wa lesedi a ka nna a arola, a hlakola kapa a pata dikarolo tse itseng tsa lesedi le ngotsweng rekotong. Sena se etsahala haeba ho sa kgonehe hore lesedi le itseng le ngotsweng rekotong le lokollwe. Ka mokgwa o utlwahalang moofisiri wa lesedi a ka nna a tlosa dikarolo tse itseng tsa rekoto eo, le ho tshwara lesedi le tshwanetseng ho hanelwa ho ya ka mabaka a Molao a ho hana ka lesedi le jwalo.
Ka hore ka ho utlwahalang moofisiri wa lesedi a tlose lesedi le itseng rekotong, o tshwanetse ho tiisa hore moelelo wa lesedi o ntse o utlwahala. (Bona mehlala e leng Sehlomathisong B ya rekoto eo ho patilweng lesedi rekotong mme moelelo o lahlehileng, le moo lesedi le patilweng rekotong empa moelelo o ntse o le teng.)
Moo ho fanweng ka tumello ya ho fihlela rekoto, le ka mora hore ho leshwe phihlelo ya lesedi, mokopi a ka fihlela direkoto ka ditsela tse latelang:
Haeba rekoto e le sebopehong se ngotsweng kapa se printilweng, a ka amohela kopi kapa ho hlalosa rekoto,
Haeba rekoto e le ditshwantshong tse ka bonwang kapa ho na le kgatiso ya ditshwantsho tseo, ho tshwanetse ho hlophiswe hore mokopi a bone ditshwantsho tsena kapa dikopi tsa tsona kapa dikgatiso,
Moo lesedi leo le rekotilweng motjhining mme ho ka kgoneha hore ho etswe dikopi tsa kgatiso e jwalo ha mantswe, ho tshwanetse hore ho etswe ditokisetso tsa hore mokopi a tle ho utlwa mantswe ao a rekotilweng. Haeba direkoto tse ngotsweng kapa tse printilweng tsa mantswe ao di ka hatiswang hape, dikopi tseo di tshwanetse ho fanwa. Mokga wa mmuso le tshwanetse ho fana ka phihlelo e jwalo haeba feela le na le thepa ya ho etsa sena, eo ka ho tlwaelehileng e leng teng,
Moo rekoto e bolokilweng khomphuthareng, kapa sebopehong se ka balehang sa elektroniki kapa motjhini, kopi e lokela ho fuwa mokopi,
Haeba mokopi a sa itekanela mmeleng mme ho se itekanele ha hae ho etsa hore a hlolehe ho bala, ho bona kapa ho utlwa rekoto e jwalo, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho nka mehato e utlwahalang ho etsa hore rekoto ena e etswe ka sebopeho seo e ka balwang, ho shejwa kapa ho mamelwa ke mokopi ka sona. Leha ho le jwalo, ho ke ke ha hlokahala hore mokopi a lefe tjhelete ya phihlelo ya rekoto, e neng e tla feta tjhelete eo a tlamehang ho e lefa haeba a ne a phetse hantle,
Moo mokopi a ka kgonang ho fihlela rekoto ka ho e hlahloba, ho e sheba kapa ho e utlwa, mokopi a ka etsa dikopi tsa rekoto a sebedisa thepa ya mokopi.
Haeba boipiletso lekgotleng leo kapa kopo e rometswe lekgotleng la molao kgahlanong le ho fanwa ka tumello ya phihlelo ya rekoto, ho ka fanwa ka phihlelo ha ho fihletswe qeto ya ho fana ka yona.
Puo ya ho fihlela lesedi
Haeba o fanwe ka tumello ya ho fihlela rekoto, mokopi o tshwanetse ho fuwa phihlelo ya rekoto eo ka puo eo a e kgethang, haeba e le teng. Moo ho se nang rekoto ka puo eo o e batlang kapa haeba mokopi a sa ka a bontsha hore o batla rekoto ka puo e feng, ho tla fanwa ka rekoto eo ka puo efe kapa efe e teng.
Ho Paballo ya direkoto
Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho baballa rekoto ho fihlela ho entswe qeto ya ho qetela. Ho se sitisanwe le direkoto tsohle tse nang le lesedi le kopilweng; di se patwe; di se sengwe; di se lahluwe kapa ho ngolwa dintlha tsa mashano.2
Ho na le bothata mabapi le ho boloka direkoto mek geng ya mmuso le ya praevete. Mekga ya mmuso le ya praevete e na le dipholisi tsa yona tsa ho boloka direkoto. PAIA ha e fane ka tsamaiso ya ka moo lesedi le lokelang ho bolokwa ka teng.
Poloko e bohlaswa ya direkoto e ka ba le tshwaetso e mpe mabapi le ditefo tsa phihlelo ya lesedi ka lebaka la nako e nkuwang ho batlwa direkoto le ho di hlophisa. Hape e tla tshwaetsa ho fanwa ha lesedi kapele kamoo ho ka kgonehang ka teng; sena se ka bonwa maemong ao lesedi le hlokahalang kapele-pele le ho fanwa kapele-pele kamoo ho kgonehang ka teng.
Tsamaiso e ntle ya ho boloka direkoto e ka thusa ba boholong ho phethahatsa mesebetsi ya bona ho ya ka Molao ona. Sena se tla tiisa hore ho etswa direkoto tse tshepahalang, ho tla ba bonolo ho fumana moo direkoto tsena di bolokilweng, ho tla etsa hore phihlelo ya lesedi e potlakiswe bakeng sa bakopi ba lesedi, le ho fana ka ditokisetso tsa hore qetellong direkoto di bolokwe kapa di lahluwe.3
KAROLO 4
Boikarabelo ba Baofisiri ba Lesedi ba Mekga ya Mmuso
Karolo 14 ya Dibuka tsa Direkoto tsa Lesedi tsa Mekga ya Mmuso
Buka ya direkoto tsa lesedi ke tokomane e lokelang ho tlatswa ke mekga yohle ya mmuso. Mekga ya mmuso e sa tswa thehwa e tshwanetse ho hlophisa buka ya direkoto tsa lesedi nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ka mora hore mokga wa mmuso le thehwe. Buka ena ya direkoto tsa lesedi e tshwanetse ho ngolwa lebitso le aterese ya mokga wa mmuso; ditshebeletso tse fanwang ke mokga oo wa mmuso; lethathamo la direkoto tse bolokilweng ke mokga oo wa mmuso le lesedi leo batho ba ka kgonang ho le fihlela direkotong tseo. Mokga ka mong wa mmuso o tshwanetse ho hlophisa buka ya direkoto tsa lesedi ka dipuo tse tharo tsa semmuso le ho romela tsena Khomisheneng ya Ditokelo tsa Batho ya Afrika Borwa. Hape buka ena e nang le direkoto tsa lesedi e tshwanetse ho fumaneha websaeteng ya mokga wa mmuso, haeba e le teng le ho fumaneha ofising e nngwe le e nngwe ya mokga wa mmuso. Haeba ho hlokahala mokga wa mmuso o tshwanetse ho ntjhafatsa le ho phatlalatsa buka ena e ngotsweng direkoto tsa lesedi hanngwe ka mora selemo le selemo.
Karolo 15: Ho ntsha lesedi ka boithaopo
Mokga ka mong wa mmuso o tshwanetse ho beha direkoto tsena ka dihlopha e le hore o fumaneha ha bonolo ntle ho hore ho kopjwe lesedi ho ya ka PAIA. Ona ke mofuta wa lesedi leo motho a ka le fihlelang ntle le hore motho a latele ditsamaiso tse hlokwang ke Molao ona. Dihlopha tsena tsa direkoto di tshwanetse ho romellwa Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo. Lesedi lena le tshwanetse ho kenyelletswa karolong ya 14 ya dibuka tsa direkoto tsa lesedi.
TLHOKOMEDISO:
Mekga ya praevete a ka beha direkoto ka dihlopha tse ka fumanehang kapelepele, ntle ho hore direkoto tse jwalo di kopjwe ka tlwaelo ke mokopi ho ya ka PAIA.
Karolo 17 ? Ho Kgethwa ha Batlatsi ba Baofisiri ba Lesedi le ho Ajwa ha Boikarabelo
E le hore direkoto tsa mokga wa mmuso di ka fihlellwa habonolo kamoo ho ka kgonehang ke mokopi, mokga wa mmuso o tshwanetse ho kgetha batlatsi ba baofisiri ba lesedi.
Moofisiri wa lesedi a ka nna a abela motlatsi wa moofisiri wa lesedi matla a hae a taolo. Kabo e jwalo ya matla a taolo e lokela ho ngolwa fatshe mme e ka tloswa ka nako efe kapa efe.
Karolo 32: Direkoto tsa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa
Mokga o mong le o mong wa mmuso le tshwanetse ho romela rekoto ya selemo le selemo (nako ya ho tlaleha ? la 1 Mmesa ho fihla ka la 31 Tlhakubele) ho Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e bontshang palo ya dikopo tse ileng tsa romelwa mokgeng o itseng wa mmuso le hore na ebe mokga oo wa mmuso o ile wa sebetsa jwang dikopo tseo. Rekoto ena e tshwanetse ho bontsha hore na ke dikopo tse kae tse ileng tsa fanwa ka botlalo; hore na ke dikopo tse kae tse ileng tsa hanwa; hore na ke dikopo tse kae tse ileng tsa fanwa ho ya ka karolo 46 le tseo ho fanweng feela ka karolo e itseng ya kopo le makgetlo ao Molao ona o ileng wa sebediswa ho hana phihlelo e feletseng kapa phihlelo e sa fellang; palo ya diketsahalo tseo nako ya matsatsi a 30 a ileng a atoloswa; palo ya boipiletso bo ileng ba etswa; palo ya boipiletso bo ileng ba etswa ka lebaka la dikopo tse ileng tsa hanwa; palo ya dikopo tse ileng tsa romelwa lekgotleng la molao ka hobane di qheletswe thoko ke boipiletso mokgeng oo. (Bona Sehlomathiso C ? mohlala wa rekoto wa karolo 32)
Boikarabelo ba moofisiri wa lesedi ho thusa mokopi
Ha mokopi a tsebisa moofisiri wa lesedi wa mokga wa mmuso hore o kopa ho bona direkoto tse itseng tsa mokga wa mmuso, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho fana ka thuso e jwalo e utlwahalang, ntle ho tefo, le ho thusa mokopi ho tlatsa foromo e loketseng.
Haeba kopo ya ho fihlela direkoto e sa iphaphathe le melao ya PAIA, moofisiri wa lesedi a ke ke a hana kopo ka hobane feela e sa iphaphathe le melao e jwalo, ntle le haeba moofisiri wa lesedi a ile a tsebisa mokopi ka lengolo mabapi le qeto ya hae ya ho hana kopo eo, hammoho le mabaka a qeto ya ho hana kopo eo le hore moofisiri wa lesedi o tla thusa mokopi, e le hore kopo e etswe ka mokgwa oo ho ke keng ha ba le mabaka a hore e hanwe.
Moo ho kgonehang, ho phaella leseding le kopilweng ke mokopi (leo ho ka dumellwang phihlelo ya lona kapa e ka nnang ya hanwa), moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho neha mokopi lesedi le leng le bolokilweng mokgeng wa mmuso, le tsamaisanang le lesedi leo a le kopileng.
Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho neha mokopi nako e lekaneng ya hore a netefatse kapa ho fetola kopo, e le hore tsena tsohle di iphaphatha le lesedi le hlokahalang foromong ya kopo.
Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho arabela kopong ya phihlelo ya direkoto nakong ya matsatsi a 30, ka mora ho amohela kopo eo. moofisiri wa lesedi a ka nna a atolosa nako eo ya matsatsi a 30, ha nngwe feela, mme e ka eketswa ka matsatsi a 30. Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho etsa qeto mabapi le hore na ebe o tla fana ka tumello ha ho fihlellwa ha direkoto kapa tjhe, mme o tshwanetse ho tsebisa mokopi ka lengolo mabapi le qeto ena.
Haeba ka mora hore moofisiri wa lesedi a amohele kopo ya ho fihlela direkoto, mme ho bonahala ka ho hlaka hore kopo ena e lokela ho romelwa mokgeng o mong wa mmuso, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho fana ka thuso e jwalo e hlokahalang, e le hore mokopi e kgone ho romela kopo ya hae ho moofisiri ya loketseng wa mokga wa mmuso; kapa o tshwanetse ho fetisetsa kopo ena ho moofisiri ya loketseng, mokgwa ona o ka potlakisa dintho haholo.
Moo kopo ya ho fihlela direkoto e romeletsweng moofisiri wa lesedi wa mokga wa mmuso mme rekoto eo e sa bolokwa ke mokga oo kapa e se taolong ya mokga oo, empa e bolokilwe ke mokga o mong wa mmuso; kapa moo lesedi le hlokahalang rekotong eo e kopilweng e amanang haufi le mesebetsi ya mokga o mong wa mmuso, nakong ya matsatsi a 14 ka mora ho amohela kopo eo, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho fetisetsa kopo eo ho moofisiri wa lesedi wa mokgeng o loketseng wa mmuso.
Moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho tsebisa mokopi taba eo ka lengolo.
Haeba kopo ya ho fihlela direkoto e fanwa, tsebiso ya lengolo e tshwanetse ho hlalosa tefo (haeba e le teng) ya phihlelo e jwalo e lokelang ho lefuwa, le hore rekoto eo e tla fihlellwa e le sebopehong sefe. Tsebiso eo e tshwanetse ho hlalosa hore mokopi a ka nna a kopa hore ho etswe boipiletso mokgeng oo kapa a ka etsa kopo lekgotleng la molao, ho ya ka moo ho hlokahalang ka teng.
Haeba phihlelo ya direkoto tseo e hanwa, tsebiso e tshwanetse ho bontsha mabaka a sebele a ho hana tumello eo, ho kenyelletswa le melao ya PAIA e laolang ditaba tsena. Tsebiso e lokela ho hlalosa hore mokopi a ka nna a kopa hore ho etswe boipiletso lekgotleng leo kapa a ka nna a etsa kopo lekgotleng la molao, ho ya kamoo ho hlokahalang ka teng, kgahlanong ke ho kganelo ena ya kopo, mme tsebiso e tshwanetse ho hlalosa mekgwatshebetso e ka latelwang le bolelele ba nako, bakeng sa ho romela kopo ya hore ho etswe boipiletso lekgotleng leo kapa thomello ya kopo, kamoo ho hlokahalang ka teng.
KAROLO 5
Boikarabelo ba dihlooho tsa mekga ya praevete
Dihlooho tsa mekga ya praevete di tshwanetse ho ngola buka ya rekoto ya lesedi ho ya ka karolo 51 ya PAIA le ho romela buka ya rekoto ya lesedi Khomisheneng ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa; le mokgeng o laolang oo mokga ona wa praevete e leng setho, haeba o le teng. Hape le tshwanetse ho etsa hore buka ena ya direkoto tsa lesedi e fumanehe ho websaete ya yona, haeba e le teng. Mekga ya praevete ha a tlasa tlamo ya hore a ngole buka ena ka dipuo tse tharo.
Leha ho le jwalo, hona jwale mekga ya praevete a behetswe thoko tabeng ya ho ngola dibuka tsa wona tsa rekoto ya lesedi. Bona Sehlomathiso D.
KAROLO 6
Direkoto tse behetsweng thoko le tse ke keng tsa kopjwa ho ya ka PAIA le Mabaka a ho hana phihlelo ya direkoto
Jwaloka ha ho boletswe pejana, ho na le dithibelo mabapi le tokelo ya ho fihlela lesedi le itseng. Dithibelo tsena di ka sebopeho sa hore direkoto tsena di behetswe thoko mme di ke ke tsa kopjwa, le mabaka ao moofisiri wa lesedi a ka nnang a a sebedisa ho hana phihlelo ya direkoto tseo ho ya ka PAIA.
Direkoto tse behetsweng thoko tse ke keng tsa kopjwa ho ya ka PAIA
PAIA e fana ka lenane la direkoto tse behetsweng thoko tse ke keng tsa kopjwa.
Tsena ke direkoto tsa Kabinete le dikomiti tsa yona; direkoto tse amanang le mesebetsi ya makgotla a molao tseo ho buuwang ka tsona karolong ya 166 ya Molao wa Motheo, direkoto tsa Makgotla a Kgethehileng (Special Tribunal) tse entsweng ho ya ka karolo ya 2 ya Diyuniti tsa Bofuputsi bo Kgethehileng le Molao wa Special Tribunal wa Nomoro 74 wa 1996, direkoto tsa mookamedi wa lekgotla la molao kapa Special Tribunal; direkoto tsa ditho ka bomong tsa Palamente kapa makgotla a ketsamolao a provense, kapa direkoto tse amanang le qeto eo ho buuwang ka yona serapeng (gg) se hlalosang ?mosebetsi wa tsamaiso? karolong 1 ya Molao wa Ntshetsopele ya Tsamaiso ya Toka, 3 wa 2000, o mabapi le ho kgethwa ha mookamedi wa lekgotla la toka kapa motho ofe kapa ofe wa Khomishene ya Ditshebeletso tsa Boahlodi ho ya ka molao ofe kapa ofe.
Mabaka a ho hanela phihlelo ya direkoto
Phihlelo ya direkoto e ka nna ya hanelwa, mme PAIA e fana ka lenane la mabaka ao mokga wa mmuso kapa wa praevete o ka hanelang phihlelo. Ho na le mabaka a tlamang le ao ho ka sebediswang kahlolo e ntle. Mabaka a tlamang a ho hana phihlelo ke a bohlokwa ho qoba dikgohlano le melao le ho sireletsa dithahasello tse itseng. Mohlala, thahasello e amanang le tshireletso ya naha, thahasello ya makgotla a itseng a mmuso, e leng, makgotla a molao, Palamente, hammoho le dithahasello tsa kgwebo, dithahasello tsa motho eo ho kopuwang direkoto tsa hae, jj.
Mabaka a ho hana phihlelo ya direkoto tse bolokilweng ke mokga wa mmuso
Mona ho bontshwa mabaka ao ho ka hanelwang phihlelo ya direkoto, ao moofisiri wa lesedi wa mokga wa mmuso a ka a sebedisang:
Tshireletso e tlamang ya ho boloka sephiri sa motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae
Tshireletso e tlamang mabapi le direkoto tse itseng tsa Ditshebeletso tsa Kamohelo ya Ditjhelete tsa Afrika Borwa
Tshireletso e tlamang ya lesedi la kgwebo la motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae
Tshireletso e tlamang ya ho boloka lesedi le itseng e le lekunutu, le tshireletso ya lesedi le leng la lekunutu, la motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae
Tshireletso e tlamang ya polokeho ya batho ka bomong, le tshireletso ya thepa
Tshireletso ya difaele tse kentseng direkoto tsa nyewe tsa mapolesa diketsahalong tsa ho mamela beile, le tshireletso ya tshebediso ya molao le mananeo a lekgotla la molao
Tshireletso e tlamang ya direkoto tse kgethehileng tsa mananeo
Tshireletso le dikamano tsa matjhaba tsa Rephaboliki
Dithahasello tsa moruo le ditjhelete tsa Rephaboliki le mesebetsi ya kgwebo ya mekgatlo ya mmuso
Tshireletso e tlamang ya lesedi la diphuputso la motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae, le tshireletso ya lesedi la diphuputso
Tshebetso ya Mekga ya Mmuso
Dikopo tseo ho bonahalang pepeneneng hore ke tsa boswaswi kapa tsa leqhoko, kapa tse senyang ditjhelete le nako e ngata kapa e sa utlwahaleng
Leha ho le jwalo, mabaka ana a lokela ho shejwa mabapi le hore na ebe ntle ho wona, dithahasello tsa setjhaba di ka beleha thoko kgano ya phihlelo mme ka lebaka leo tumello ya phihlelo e ka fanwa:
Mabaka a ho hana phihlelo ya direkoto tse bolokilweng ke mokga wa praevete
Mona ho bontshwa mabaka ao ho ka hanelwang phihlelo ya direkoto, ao moofisiri wa lesedi wa mokga wa praevete a ka a sebedisang:
Tshireletso e tlamang ya ho boloka sephiri sa motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae
Tshireletso e tlamang ya lesedi la kgwebo la motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae
Tshireletso e tlamang ya lesedi le itseng la lekunutu la motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae
Tshireletso e tlamang ya polokeho ya batho ka bomong, le tshireletso ya thepa
Tshireletso e tlamang ya direkoto tse kgethehileng tsa mananeo
Lesedi la kgwebo la mokga wa praevete
Tshireletso e tlamang ya lesedi la diphuputso la motho eo ho kopjwang direkoto tsa hae, le tshireletso ya lesedi la diphuputso la mokga wa praevete
Leha ho le jwalo, mabaka ana a lokela ho shejwa mabapi le hore na ebe ntle ho wona, dithahasello tsa setjhaba di ka beleha thoko kgano ya phihlelo mme ka lebaka leo tumello ya phihlelo e ka fanwa:
KAROLO 7
Ditlolo tsa Molao
Motho eo ka boikemisetso ba ho hana ka tokelo ya phihlelo ya lesedi ho ya ka PAIA a senyang kapa a fetola dintlha tse ngotsweng direkotong; a pata direkoto; kapa a ngola lesedi la bohata kapa a etsa rekoto ya bohata; motho ya jwalo o tlola molao mme haeba a ahlolwa ke lekgotla la molao o tla lefuwa tjhelete ya molato kapa ho kwallwa tjhankaneng ka nako e sa feteng dilemo tse pedi.
Moofisiri wa lesedi eo ka boomo kapa ka bohlaswa a hlolehang ho iphaphatha le melao e ngotsweng karolong 4 (ho romelwa ha buka ya direkoto tsa lesedi) o tlola molao mme haeba a ahlolwa ke lekgotla la molao o tla lefuwa tjhelete ya molato kapa ho kwallwa tjhankaneng ka nako e sa feteng dilemo tse pedi.
Hlooho ya mokga wa praevete eo ka boomo kapa ka bohlaswa e hlolehang ho iphaphatha le melao e ngotsweng karolong 51 (ho romelwa ha buka ya direkoto tsa lesedi) o tlola molao mme haeba a ahlolwa ke lekgotla la molao o tla lefuwa tjhelete ya molato kapa ho kwallwa tjhankaneng ka nako e sa feteng dilemo tse pedi. (Karolo 24 ya Molao wa Sehlomathiso sa Bobedi sa Ditaba tsa Boahlodi wa 55 wa 2004 o nka sebaka sa karolo 90 ya PAIA)
KAROLO 8
Mehlala ya tshebediso ya PAIA
Dithendara
Tsamaiso ya dithendara ke eo bafani ba ditshebeletso ba mengwang hore ba romele dikopo bakeng sa ho fana ka ditshebeletso tse itseng mekgatlong ya mmuso, le ho hlodisana bakeng sa ho fumana kontraka. Mohlala, Masepala wa Bua wa Freistata o ntsha thendara bakeng sa ho tloswa ha ditshila. Elly Transport, Billy Transport le Cicily Transport ba romela dithendara tsa bona. Ka mora ho lenaneo la ho etsa dikahlolo mabapi le ho fana ka thendara, Cicily Transport e kgethwa jwaloka mofani wa ditshebeletso tsa ho tlosa ditshila. Na bafani ba ditshebeletso ba hlolehileng ho fumana thendara, Elly Transport le Billy Transport ba ka sebedisa PAIA ho kopa ho fihlela direkoto tsa Komiti ya Kahlolo mabapi le dithendara e neng e okametse ho kgethwa ha mofani ya fuweng thendara ya tshebeletso?
Karabo ke hore, e, ba ka nna ba kopa ho di bona. Leha ho le jwalo, tokelo ya ho fihlela lesedi e tshwana le ditokelo tse ding e na le dithibelo tse itseng. Sena se bolela hore kopo ya ho fihlela direkoto e ka nna ya hanwa haeba ho na le mabaka a ho etsa jwalo ho ya ka PAIA. Haeba bafani ba ditshebeletso ba sa kang ba fuwa thendara ba batla hore Komiti ya Kahlolo ya dithendara e ba nehe mabaka a entseng hore bona ba se kgethuwe, ba lokela ho sebedisa molao o fapaneng, e leng, Molao wa 2000 wa Ntshetsopele ya Tsamaiso ya Toka.
Direkoto tse mabapi le ho iswa ha ditshebeletso tsa bohlokwa bathong
Nosipho o dula metseng ya mahae mme o batla ho tseba hore na ke hobane ha masepala wa moo o sa nehe motse wa bona ditshebeletso tsa tanka ya metsi. O romela kopo ho ya ka PAIA hore a fuwe dipolane tsa ho iswa ha metsi matlong a leng motseng wa habo. O fuwa dipolane tsena ho ya ka PAIA, mme o lemoha hore le hoja ho na le dipolane tsena, bakganni ba ditanka tsa metsi ba feta motse oo a dulang ho wona, ka hobane o ne o se mmileng wa bakganni ho ya ka kontraka e fuweng mofani wa ditshebeletso tsa metsi a tanka tsa masepala. Basebetsi ba masepala ba tsebiswa ka taba ena, mme bona ba kopa bakganni ba tanka ya metsi hore ba eme motseng wa Nosipho e le hore baahi ba motse oo ba ka fumana metsi. Ke kamoo PAIA e ka sebediswang ka teng ho thusa batho ho fihlela ditshebeletso tsa bohlokwa.
Direkoto tsa ho Abuwa ha Matlo a RDP
Tsakane o ile a etsa kopo ya ho fumana ntlo ya RDP Lefapheng la Matlo la provense ya Polokwane ka 2004. Ha a ka a fumana karabo ho tswa lefapheng leo. Jwale o batla ho tseba hore na ebe o teng lenaneng la lefapha la batho ba abelwang matlo. A etsa qeto ya ho sebedisa PAIA ho kopa lesedi mabapi le na ke dintho dife tse hlokahalang bakeng sa ho tshwaneleha bakeng sa ho abelwa ntlo, le hore na ebe lebitso la hae le ne le ngotswe lenaneng la batho ba emetseng matlo le hore a tsebe mabapi le dipolane le nako e hlophisitsweng ya ho aha matlo a RDP. A romela Foromo A ya hae ho moofisiri wa lesedi lefapheng leo, le ho amohela karabo kopong ya hae nakong ya matsatsi a 30. Ka mora hore a amohele lesedi lena, ha a ka a fumana lebitso la hae le ngotswe lenaneng leo, le hoja a ne a tshwaneleha dintho tse hlokahalang. O ile a lemoha ka lebaka la phoso ya tshebetso lefapheng, lebitso la hae ha le a ka la ngolwa. A tshohla taba ena le MEC ya Matlo ya Polokwane, mme MEC a mo thusa ka hore lebitso la hae le kenyelletswe lenaneng la mabitso a batho ba emetseng matlo.
HO ITLHAHLOBA
a ka ho ngola lengolo le ho lefa tjhelete ya kopo b ka ho tlatsa foromo A
c ka ho tlatsa foromo A le ho lefa R 35,00 ya kopo
Ke tshwanetse ho lefa nako e telele hakae pele ke amohela karabo?
a nakong ya matsatsi a 30 a mosebetsi b nakong ya matsatsi a 25 a mosebetsi c nakong ya matsatsi a 30 a almanaka d nakong ya matsatsi a 25 a almanaka
Na ke tshwanetse ho fana ka mabaka kapa ho hlalosa tokelo eo ke lakatsang ho e sireletsa kapa ho e sebedisa ha ke kopa lesedi ho tswa mokgeng wa mmuso?
a e b tjhe
a ngola lengolo le ho lefa tjhelete e hlokahalang ya kopo b ka ho tlatsa foromo C
c ka ho tlatsa foromo C le ho lefa R R 50, 00 ya kopo
Na ke tshwanetse ho fana ka mabaka kapa ho hlalosa tokelo eo ke lakatsang ho e sireletsa kapa ho e sebedisa ha ke kopa lesedi ho tswa mokgeng wa praevete?
Ke etse eng haeba ke sa kgotsofatswa ke qeto ya moofisiri wa lesedi wa lefapha la mmuso kapa haeba moofisiri enwa wa lesedi a sa arabe kopo ya ka?
a ho kopa hore kopo e hlahlojwe hape b ho romela kopo lekgotleng la molao c ho kopa hore ho etswe boipiletso lekgotleng leo d dipolelo tsohle tse boletsweng ka hodimo e ha ho letho dipolelong tse boletsweng ka hodimo
Boipiletso bo lokelang ho etswa ke lekgotla leo bo romelwa ho mang?
a ho moofisiri wa lesedi b ho bolaodi bo tshwanetseng
Kopo ya boipiletso lekgotleng leo e tshwanetse ho etswa nakong ya matsatsi a makae?
a Matsatsi a 30
b matsatsi a 60
Ke etse eng haeba ke sa kgotsofatswa ke qeto ya moofisiri wa lesedi wa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho, Mosireletsi wa Setjhaba, Mohlahlobi-Kakaretso wa Dibuka tsa Ditjhelete, Khomishene ya Tekano ya Bong kapa haeba moofisiri wa lesedi makgotleng ana a sa ka a araba kopo ya ka?
a ho kopa hore kopo e hlahlojwe hape b ho romela kopo lekgotleng la molao c ho kopa hore ho etswe boipiletso lekgotleng leo d dipolelo tsohle tse boletsweng ka hodimo e ha ho letho dipolelong tse boletsweng ka hodimo
Ke etse eng haeba ke sa kgotsofatswa ke qeto ya moofisiri wa lesedi wa lefapha la praevete kapa haeba mookamedi enwa wa lesedi a sa arabe kopo ya ka?
a ho romela kopo lekgotleng la molao b ho kopa hore ho etswe boipiletso lekgotleng leo c dipolelo tsohle tse boletsweng ka hodimo d ha ho letho dipolelong tse boletsweng ka hodimo
Dibopeho tse tharo tse sa tshwaneng tsa ho fihlela lesedi ke dife?
Ka mora ho amohela foromo ya ho kopa lesedi, moofisiri wa lesedi o tshwanetse ho etsang ha a lemoha hore ha a na taolo ya direkoto tse kopuweng kapa ha a di tshwara?
Ho etsahalang mabakeng ao ba boholong ba tshwanelehang ba hlolehang ho fana ka tsebiso e mabapi le qeto ka boipiletso bo lokelang ho etswa ke lekgotla leo? Haeba o sa kgotsofala, o ka nka mehato efe?
Karolo 1(a) ya Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996
Karolo ya 90 ya PAIA e hlalosa hore haeba motho ka boikemisetso ba ho hana ho fana ka tokelo ya ho fihlela rekoto/direkoto mme a senya kapa a fetola rekoto, a pata rekoto kapa a ngola dintlha tsa bohata rekotong, motho eo o tlola molao mme a ka lefiswa faene kapa a kwallwa tjhankaneng nako e sa feteng dilemo tse pedi. PAIA e tshwanetse ho balwa hammoho le Molao wa Diakhaeve tsa Naha wa Afrika Borwa wa No 43 wa 1996 jwalo ka ha o ntjhafaditswe.
